24 “Nthuteng, ke tla mamela ke didimetse, le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae.
24 Nthuteng, ke tla kgutsa; le ntlhalosetse moo ke fositseng teng.
Ke tla re ho Modimo: ‘Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.
Ke entse makgopo le dibe di le kae? Ako ntsebise tshito tsa ka le sebe sa ka.
“Ke ile ka le emela hore le ke le bue, puo tsa lona ka di theela tsebe ha le ntse le kgetha mantswe.
“Ka baka lena, ke a o rapela, Jobo: Ako mamele polelo ya ka, mantswe a ka wohle o a sekehele tsebe.
ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape;’
“Tsena di fupuditswe, ho fela ho dutse jwalo; di utlwe, o di tsebe, o di fole molemo.”
Kapa: ‘Nnamoleleng matsohong a dira tsa ka? Mpholoseng ho ba matla ho mpheta’?
Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng?
Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo.
Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.
Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng.
Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae.
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,
Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.