Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?”
Bohle ba o ratang ba o lebetse, ha ba sa re letho ka wena; ke o otlile sa sera se o otla, ka o tuba sa ya sehloho a o tuba, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hoba dibe tsa hao di ile tsa eketseha.
Basadi bohle ba setseng ka tlung ya kgosi ya Juda ba tla tliswa ho mahosana a kgosi ya Babilona; basadi bao ba tla re ho wena: “ ‘Metswalle ya hao eo kgelositse ya ba ya o hlola, metswalle ya hao eo e ne le letshepa la hao; maoto a hao a qahilwe tebetebeng, metswalle ya hao e o lahlile.’
“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.
Bonang, nako e a tla, mme e se e fihlile, ya hore le qhalane, e mong le e mong a ye ha hae, mme le ntshiye ke le mong; feela ha ke mong, hobane Ntate o na le nna.
Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.