Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 6:14 - BIBELE

14 “Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 6:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.


Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.


Ho tshaba Modimo o ho phephethetse hole le wena, ho rapela Modimo hona o a ho fedisa.


Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.


“Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae!


Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.


Ho tshepa molotsana nakong ya ditsietsi ho ka leino le bodileng, kapa leoto le hlotsang.


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko.


Empa se seng sa araba, sa se kgalemela, sa re: “Na wena ha o tshabe Modimo, empa le le kahlolong e tshwanang?


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Ha e mong a fokola, le nna ke a fokola; ha e mong a kgopiswa, le nna ke a kgopeha.


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ