13 Matla o ho ithusa a mpheletse, sehlaha sa bohlale se setse feela.”
13 Ha ke re, ha ho kamoo nka thuswang kateng? Ha ke re, topollo yohle e hole le nna?
Ke tseba tsena jwalokaha le lona le di tseba, etswe le hona ha le mphete ka letho!
Oho, Modimo, o fela o ntshotlile, lapa la ka lohle le timeditswe ke wena;
“Haeba le ka re: ‘Re sa tla mo hlorisa, hobane sesosa sa taba se ka pelong ya hae!’
“Wa tla wa thusa motho a fokola! Wa tla pholosa letsoho le fokola!
O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang!
Na mmele wa ka o thata jwaloka lejwe? Kapa nama ya ka e entswe ka lethose?
Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.
Motho ka mong a hlahlobe diketso tsa hae, e be hona a ka ithorisang ka seo a leng sona feela, e seng ka ho ipapisa le ba bang,