Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 5:14 - BIBELE

14 Ba aparelwa ke lefifi tsatsi le ba tjhabetse, ere tadi e anyesa ba phothasele seka bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hosasa, ba thulana le lefifi, motshehare ba phopholetsa jwaloka hoja ke bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 5:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba phopholetse lefifing ho se lesedi, a ba thekesedise sa mahlena a bo habotse.”


A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse!


o lelekwa leseding, a iswe lefifing, hohle lefatsheng ebe o a falatswa.


Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse, o tla timetswa ke mollo o se na sebutswelo, ba setseng lapeng la hae ba tamukane.


fifi le o aparetseng, o sitwang ho bona, phororo tsa metsi di phuthumanang hodima hao.


“Ho na le ba bang ba hloileng lesedi, ba sa tsebeng tsela tsa lona le ho tsamaya ka tsona.


Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi, matla a bona a tla fediswa.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, ho tle ho be lefifi naheng ya Egepeta; lefifi leo ekang motho a ka le tshwara ka letsoho.”


Moshe a phahamisetsa letsoho la hae mahodimong, mme ka matsatsi a mararo lefifi la bonkantjana la aparela naha yohle ya Egepeta.


Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang.


Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu.


“Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo.


O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ