Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 42:10 - BIBELE

10 Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 42:10
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.


Yaba Amasiya o re ho moporofeta wa Modimo: “Jwale re tla etsa jwang ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, eo re seng re lefile lebotho la Iseraele ka yona?” Moporofeta wa Modimo a araba, a re: “Morena a ka o nea e ngata ho feta ena.”


Jobo o ne a ena le bara ba supileng, le baradi ba bararo.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Yaba bo-Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng, mme Morena a ananela thapelo ya Jobo.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora.


E se eka pholoho ya Iseraele e ka tswa Sione! Mohla Morena a kgutlisang setjhaba sa hae, a se kgutlisa bothopuweng, Jakobo o tla nyakalla, Iseraele le yena a thabe.


Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe kantle ho lebaka, hobane Modimo o tla qhalanya masapo, masapo a ba neng ba o thibeletse. O tla ba hlabisa dihlong, mohla Modimo a ba lahlang.


Boikokobetso le ho tshaba Morena di tlisa leruo le tlotla le bophelo.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Kaha dihlong tsa lona di phetahane habedi, ho songwa le mahlapa e bile kabelo ya lona, leruo la naha ya lona le tla eketseha habedi, thabo ya lona e be ya kamehla le mehla.


‘Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!”


Ba re: “Na Morena o fela a buile ka molomo wa Moshe? Na ha a eso bue ka melomo ya rona?” Morena a utlwa taba ena.


Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.


“Empa a re: ‘Ha ho le jwalo ke a o kopa, ntate, hore o mo rome tlung ya ntate,


Na tsee tsohle ha di a etswa ke letsoho la ka na?’


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.


Empa le hopole Morena Modimo wa lona, hobane ke yena ya le neang matla a hore le rue, hore a phethahatse selekane sa hae, seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona, jwaloka kajeno.


Morena o ne a halefetse Arone, hoo a neng a batle a mo timetsa, empa le mohlang oo ke ne ke rapelle Arona.


Bonang, ba mameletseng re re ba lehlohonolo. Le utlwile tsa mamello ya Jobo, mme le lemohile sepheo sa Morena, hobane Morena o tletse mohau le kutlwelobohloko.


Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa,


Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ