19 Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona.
19 Ke mosebetsi o fetisisang wa Modimo; ya e bopileng o e neile lerumo.
Ka moya wa hae a ntlafatsa mahodimo, ka tsoho la hae a hlaba noha e lelesela.
“Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.
masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe.
Fatsheng lohle kganyapa ke torobela, ke bopuwa se sa bopellwang le tshabo.
Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!
Modimo ke moahlodi ya lokileng, ya ahlolang kamehla yohle.
Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.