Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 4:17 - BIBELE

17 ‘Na ya shwang a ka loka mahlong a Modimo, a hlweka le mahlong a Mmopi wa hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Na ya shwang a ka loka pela Modimo na, kapa motho na o hlwekile pela Mmopi wa hae na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 4:17
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


Na ya ditshila a ka tswala ya hlwekileng? Le kgale! Ho ke ke be ha etsahala jwalo!


“Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?


Motho a ka lokafatswa jwang mahlong a Modimo? Ya tswetsweng ke mosadi a ka hlweka jwang?


Ha ke re Mmopi wa ka ke Mmopi wa bona? Ha ke re ke yena ya re bopileng maleng a bo-mma rona?


Ha ke ne ke tseba ho kakamatsa, Mmopi wa ka o na ntlosa ka ho panya ha ntshi!”


Empa ha ho ya reng: ‘Modimo, Mmopi wa ka, o kae, ya re kgothatsang ka difela bosiu,


“Na o bona ho nepahetse ha o re: ‘Nna ke lokile ho feta Modimo?’


Tsebo ke tla e fuputsa hole le hohle, ha ke buella ho loka ha Mmopi wa ka.


Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile, sa sona sobepeho ke sa se tsebe! Sa ema kapela mahlo a ka, ha didimala, ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?


“Ruri ke a tseba, ho fela ho le jwalo; motho a ka loka jwang mahlong a Modimo?


O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.


Morena o lokile ho tsohle tseo a di etsang, mesebetsing yohle ya hae o mohau.


Ha ho ya lokileng mona lefatsheng, ya etsang ho molemo, ya sa etseng sebe.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”


Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo ya matla wohle, ya bileng teng, ya leng teng, ya tlang ho tla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ