40 di ntse di qatjhame dilaong tsa tsona, kapa di laletse kahara dihlahla?
40 ha di bothile matsabeng a tsona, leha di laletse hara dihlahla?
Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang?
Batana di hohobela dilaong tsa tsona, ebe ka mesimeng ya tsona di a ipothela.
Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo?
o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.
Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.”
A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”