Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 38:37 - BIBELE

37 Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ke mang ya fihletseng palo ya maru ka bohlale ba hae, mme ke mang ya ka tshelang makuka a mahodimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 38:37
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.


Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.


ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle.


“Ka ntswe la hao, na maru o ka a laela hore a o apese ka pula ya ditlwebelele?


ha role la lefatshe le fetoha sengangata, makwete a momana, a etsa diqitikwe?


Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha?


O tseba palo ya dinaledi, kaofela ha tsona o di bitsa ka mabitso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ