Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 38:28 - BIBELE

28 Ntata pula ekaba yena ke mang? Marothodi a phoka wona a tswetswe ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Na pula e na le ntata yona na? Kapa marothodi a diphoka a tswetswe ke mang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 38:28
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a ke a o nee phoka ya lehodimo, le monono wa lefatshe, le tjhai ya koro le ya veine.


Yaba ntatae Isaka o a arabela, o re ho yena: “Bona, leaho la hao le tla ba hole le monono wa lefatshe, le be hole le phoka ya lehodimo e tswang hodimo.


“Lona, thaba tsa Gileboa, le se lalwe ke phoka, la nelwa ke pula; masimo a lona a fetohe matswatlare, hoba thebe tsa dinatla di silafaditswe, thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa, ya tlotswa ka ole!


Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


metso ya ka e name ho ya fihla metsing, phoka e lale makaleng a ka, e lale bosiu bohle,


“O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula.


Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho.


“Mohla lewatle le phatlohang mohloding wa lona, menyako e ne tinketswe ke mang ho le thibela?


Ke yena ya kwahelang mahodimo, ya a kwahelang ka maru, ya nesetsang lefatshe pula, ya medisang jwang dithabeng.


ka tsebo ya hae a arohanya madiba, maru a latsa phoka, a e latsa hodima lefatshe.


Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng.


Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”


Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: ‘A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula.’


Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka, Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe, a mele metso sa kedare ya Lebanone.


Lona bana ba Sione, thabang, le thabele Morena Modimo wa lona; o le neseditse dipula hobane a lokile, a le nesetsa pula tsa ditlwebelele, pula tsa selemo le tsa hwetla jwaloka pele.


“Kgwedi di sa le tharo ho eso kotulwe, ha ke a ka ka le nesetsa pula; motse o mong ka o nesetsa pula, o mong wona ka se ke ka o nesetsa pula; tshimo e nngwe ya nelwa ke pula, e nngwe yona ya e hloka, ya omella.


hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


“Ho Josefa a re: “ ‘Morena a hlohonolofatse naha ya hae, ka phoka ya bohlokwa ya lehodimo, le ka metsi a kgukguthang katlasa lefatshe;


Jwale Iseraele o phela ka kgotso, sediba sa Jakobo se inotshi feela, naheng ya koro le ya veine e ntjha; e, mahodimo a nesa pula.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ