Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 38:22 - BIBELE

22 “Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Na o finyeletse tlung ya polokelo ya lehlwa? Na o bone ntlo ya polokelo ya sefako,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 38:22
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlwa o re: ‘Kgethehela lefatshe!’ Ho lefafatsane: ‘Fetoha ditlwebelele!’


tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa?


e ba maduke ke qhoqhwaane ho qhibidiha, e patehe ke lehlwa ho kgetheha.


Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng.


O kgethehisa lehlwa le kang boya, o etsa hore serame se lale, se ke molora.


O hasanya sefako sa hae se kang makumane; ke mang ya ka phelang hara mohatsela wa hae?


Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae.


Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


bolella bana ba dilang lerako ka phepa hore lerako leo le tla wa. Ho tla na pula ya ditlwebelele, e nang ka sefako se dinaka, mme moya wa sefefo o tla puka.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo.


Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.


Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ