14 “Oho, wena Jobo, ako mamele sena: Kgutsa, o ko nahane dimakatso tsa Modimo!
14 Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.
Hopola ho tlotlisa mesebetsi ya hae, mesebetsi eo batho ba e rokang ka difela.
Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae.
Na o tseba kamoo Modimo a laolang maru kateng, le kamoo a etsang hore hadima la hae le tsekeme?
Na o tseba kamoo maru a tsheheditsweng kateng, le dimakatso tsa eo tsebo ya hae e phethehileng?
Ho pokosela ha ntswe la Modimo ho a makatsa; o etsa dikgolo tse fetang kutlwisiso ya rona.
yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane.
Mesebetsi ya Morena e meholo, e fuputswa ke bohle ba e thabelang.
O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re:
Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.
Ako tadime mesebetsi ya Modimo: Se kgopamisitsweng ke Modimo, se ka kgopamollwa ke mang?
Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.”