11 Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa.
11 Hape, o belesa maru ka metsi, o mathisa maru a tletseng letolo;
Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele.
O phuthetse metsi kahara maru a hae; ha ho leru le phatlolwang ke boima ba metsi!
ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,
O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng.
Na o tseba kamoo Modimo a laolang maru kateng, le kamoo a etsang hore hadima la hae le tsekeme?
O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe.
Morena o itse ho nna: “Ke tla tadima ke le leahong la ka, ke kgutsitse, sa ha tsatsi le tjhesa haholo, sa phoka e lalang ha ho kotulwa.”
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”