9 o ba supisa mesebetsi ya bona, dibe tse entsweng ka boikgantsho.
9 ke moo Modimo o ratang ho ba senolela diketso tsa bona le ditlolo tsa boikgohomoso ba bona;
Ke tla re ho Modimo: ‘Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.
hoba o kokoseditse Modimo letsoho, o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.
Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao.
Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao.
Melomong ya dira tsa ka ha ho nnete e tswang, dipelong tsa tsona di rera ho timetsa, mmetso ya tsona ke lebitla le ahlameng, maleme a tsona a monate.
Morena, ho lehlohonolo motho eo o mo kgalemelang, eo o mo rutang ka Molao wa hao,
Re ditshito di ngata mahlong a hao, re ahlolwa ke bopaki ba dibe tsa rona. Ditshito tsa rona di re maname kamehla, bokgopo ba rona re bo tseba hantle:
Yaba Moshe o nka tjhelete eo ya topollo ho bao, bao palo ya bona e fetang ya ba lopolotsweng ka Balevi.
Molao o ile wa eba teng hore tshito e tle e ate, empa moo sebe se atileng teng, mohau o ba mongata ka ho fetisisa.
Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.
Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.