5 “Modimo o matla, empa ha a nyedise batho; ha ho letho leo a sa le tsebeng.
5 Bona, Modimo o matla, empa ha o nyedise motho; o moholo ka matla a kutlwisiso ya wona.
O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?
“Puso le tshabo di tswa ho Modimo, ke mothei wa kgotso mahodimong a hae a hodimo.
“Haeba mohlanka wa ka le lekgabunyane la ka, ke ba hloketse toka ha ba tsekisana le nna,
Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae.
“Jwale nna ekaba nka mo arabisa jwang? Mantswe a dikgang ke a kgethe jwang?
Haeba ho uwa ka matla, Yena ke seqhobane! Haeba ho uwa ka toka, yena o tla qoswa ke mang?
Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona.
Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.
Morena wa rona o moholo, o matla haholo, kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa.
“Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng.
Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo.
O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.
Ka matla a hae Modimo o entse lefatshe, ka bohlale ba hae a le tsitsisa tulong tsa lona, ka kelello ya hae a ala le mahodimo.
Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.