30 Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma.
30 Bona kamoo o hasang lesedi kateng pela wona, kamoo o ikwahelang ka botebo ba lewatle kateng.
Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.
Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae?
Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala.
“Metsi a dikgohola a tjheketswe molapo ke mang, letolo le thwathwaretsang la rallwa tsela ke mang,
o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente,
Bana ba Iseraele ba kena hara lewatle, mobung o ommeng, metsi a ba etsetsa lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi.
Jwale metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le bapalami, mmoho le mabotho wohle a Faro a neng a ba setse morao ho ya fihla lewatleng, empa ha ho le ya mong wa bona ya ileng a phonyoha.
Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.