Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:29 - BIBELE

29 Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lefifi a le etsa lesira la hae, maru a matsho, a dusang pula, wona a a etsa tente ya hae.


Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”


ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,


Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho.


Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma.


Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa.


Na o tseba kamoo maru a tsheheditsweng kateng, le dimakatso tsa eo tsebo ya hae e phethehileng?


Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo,


Ha ke ne ke le etsetsa kobo ya maru, ke le tlama mokgubu ka fifi la bo-nka-ntjana;


o hahile ntlo ya bokgosi ba hao kahodimo ho maru. Maru o a entse kariki ya hao, o fofa ka mapheo a moya.


Yare ha o kgaruma, metsi a baleha; ha letolo la hao le thwathwaretsa, a tutumolotseha;


maru a apolwa ke kganya e mo etellang pele, ha na sefako sa mashala a tukang.


Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ