Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:27 - BIBELE

27 “O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 O hula marothodi a metsi, mohodi oo o o bopang ka wona o hlotlha dipula

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,


Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.


Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho.


Letolo ke selelekela sa sefefo sa hae, ho tla ha sona le diphoofolo di a ho tseba.”


Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa.


Ho lehlwa o re: ‘Kgethehela lefatshe!’ Ho lefafatsane: ‘Fetoha ditlwebelele!’


“Ka ntswe la hao, na maru o ka a laela hore a o apese ka pula ya ditlwebelele?


Lefatshe o le nesetsa pula, pula ya ditlwebelele, metsi a phutsalle, a tlale dithota kahohle;


yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane.


Ke yena ya kwahelang mahodimo, ya a kwahelang ka maru, ya nesetsang lefatshe pula, ya medisang jwang dithabeng.


lona mollo le sefako, lehlwa le mohodi, moya wa sefefo o phethang taelo ya hae;


ka tsebo ya hae a arohanya madiba, maru a latsa phoka, a e latsa hodima lefatshe.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng.


Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”


Kopang Morena ho le fa pula, selemo, kaha ho fehla maru a pula o a ho tseba. O nesetsa batho pula ya ditlwebelele, a e nesetse bohle, le dijalo hara masimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ