Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:26 - BIBELE

26 Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Bona, Modimo o moholo, re ke ke ra o tsebisisa, bokae ba dilemo tsa wona bo ke ke ba fumanwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Empa na ruri Modimo o tla hle a ahe lefatsheng? Bona, esita le lehodimo la mahodimo ha le a o lekana; ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?


Na tshiu tsa hao di tshwana le tshiu tsa batho? Na ngwaha tsa hao di tshwana le ngwaha tsa batho?


Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”


Batho bohle ba bone mesebetsi eo, ba e boha ba le hole le yona.


“O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula.


Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae.


Ho pokosela ha ntswe la Modimo ho a makatsa; o etsa dikgolo tse fetang kutlwisiso ya rona.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe.


Dithaba di eso be teng, le lefatshe, le tsohletsohle di eso hlahe, haesale o le Modimo ya se nang bofelo.


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


O tla di phuthaphutha jwaloka kobo, mme di tla fetoha jwaloka seaparo. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.”


Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ