Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:21 - BIBELE

21 Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O itise, o se ke wa sekamela bobeng, hobane etlaba o bo rata ho fetisa mahlomola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:21
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O re ho yena: ‘Molemo ke ofe oo ke tla o bona? ke tla boellwa keng ka ho se etse sebe?’


O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo.


Ba ditlokotsing o ba pholosa ka ditlokotsi, a thibolle tsebe tsa bona ka matshwenyeho.


Empa ha ba tlamilwe ka mahlaahlela, ba bofilwe ka kgwele tsa tlokotsi,


Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.


Ke bea moya wa ka matsohong a hao; o ntopolotse Morena, Modimo ya tshepahalang.


Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,


“Ka lebaka lena, bua le bona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata.


Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.


empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


a mpa a ikgethela ho hlekefetswa le setjhaba sa Modimo, ho ena le ho ithabisa ka sebe ka nakwana.


Ho molemo ho hlokofaletswa ho etsa tse ntle, haeba e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofaletswa ho etsa tse mpe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ