Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:18 - BIBELE

18 Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Empa bohale ba hao bo se ke ba o isa nyefolong, mme boholo ba tefo eo o ka e ntshang bo se ke ba o kgelosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:18
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le tla mo hauhela, le bue, le re: ‘Mo hauhele, a se theohele lebitleng, hobane ke se ke mo fumanetse se mo lopollang.’


Ha o llela thuso, maruo a hao a ke ke a o tswela molemo, kapa matla a hao a o ntsha tsietsing tsa hao.


Morena o ka lehlakoreng la hao, hlakoreng le letona, o tla thuakanya dikgosi mohla letsatsi la kgalefo ya hae.


Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Jwale o bua le bona ka kgalefo, ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re:


Ke jwaloka semumu, ha ke na puo, hobane ke wena ya sebetsang.


lona le otlileng ditjhaba ka kgalefo, le sa kgaotse, la di kokobetsa ka kgalefo le ka mabifi a sa feleng.


“Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.


Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?”


Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


Kgalefo ya Modimo e senotswe e etswa lehodimong, e theohela hodima bohle ba sa hlompheng Modimo, ba sa lokang, ba thibelang nnete ka ho se loke ha bona,


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.


ya ikentseng tefello ya bohle. Bopaki ba hona bo ile ba bonahala ka nako ya teng.


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ