Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 35:8 - BIBELE

8 Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Sebe sa hao se ka senya motho ya jwaloka wena feela, ho loka ha hao ho ka thusa ngwana wa motho feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 35:8
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao?


“Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla.


Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”


Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse.


Empa Finease a ema, a ahlola ba molato, yaba lefu la sewa le a fela.


Bohlale bo molemo ho feta hlomo tsa ntwa, modibe ya mong o senya tse ngata tse molemo.


“Ke ile ka batla motho hara bona ya neng a ka tsosa lerako, a ema kapele ho nna dikgeong tsa lona ho sireletsa naha ena hore ke se ke ka e timetsa, empa ha ke a ka ka fumana le ya mong.


A ba araba, a re: “Nkukeng, le nkakgele lewatleng, mme lewatle le tla kokobela. Ke a tseba hore ke ka baka la ka ha e le mona sefefo sena se matla se le befetse tjena.”


la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Kapa le se le lebetse hore Akane, mora wa Sera, o ne a etse tshito ka ho nka dintho tse neng di rohakilwe, yaba Morena o halefela setjhaba sohle sa Iseraele? Bokgopo bono ba hae ha bo a ka ba timetsa yena a le mong feela!’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ