7 Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao?
7 Ha o lokile, o o thusitse kang? O ruile eng ka mosebetsi wa hao?
“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.
Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.
Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.”
Haeba o le bohlale, bohlale ba hao bo tla o putsa, haeba o le mosomi, molato e tla ba wa hao.”
Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: ‘Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’ ”
“Kapa ke mang ya kileng a mo fa ho hong, hore a tle a mo buseletse?”