Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 35:14 - BIBELE

14 “A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Leha o boletse hore ha o o bone, leha ho le jwalo, nyewe ya hao o pela wona, o o lebelle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 35:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke howa, ke re: ‘Bosoro!’ ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo!


Hoja ke a tseba hore na nka mo fumana kae, ke ne ke tla ema kapela setulo sa hae,


“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!


O ithetsa ka ho re kgalefo ya hae ke mosesetso, esita le bokgopo Modimo ha a bo natse.


“Ha a feta pela ka ha nke be ke mmone, ha a itsamaela le teng ha ke lemohe.


Haeba ho uwa ka matla, Yena ke seqhobane! Haeba ho uwa ka toka, yena o tla qoswa ke mang?


Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.


Ruri ba rera ho mo diha boemong ba hae bo phahameng, ba thabela leshano. Ka melomo ba hlohonolofatsa motho, empa ka dipelong ba a mo rohaka.


Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.


Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae.


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


Ha ke ne ke qoswa o ila nkemela, Morena, yaba bophelo ba ka o a bo pholosa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ