Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
Ha eba jwalo, hoo bohle ba boneng ba ileng ba re: “Ketso e tjena ha e eso ka e etsahala, kapa e bonwa, ho tloha mohla letsatsi leo bana ba Iseraele ba neng ba nyoloha Egepeta ka lona, ho fihlela kajeno! E nahaneng, le ikeletse, le bue.”