36 Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile, hobane o araba sa batho ba kgopo.
36 Takatso ya ka ke hoba Jobo a lekwe ho isa qetellong haele mona a arabile ka mokgwa wa ba babe.
Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.
“Ke hobaneng ha ba kgopo ba phela, ba tsofala, ba bile ba matlafala?
“Na o tla hanella tseleng ya kgale, tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?
Modimo o mphokodisitse, ke hloka sebete, Ya Matla wohle o nkgekgethisa letswalo;
“Na Ya Matla wohle tsatsi la kahlolo ha a le tsebe? Ba mo sebeletsang nako ya lona ba a e tseba?
Dibe tsa hae o di eketsa ka bofetohedi, o etsa nyediso moo re mo utlwang, ka polelo tse ngata o nyedisa Modimo.”
O hlahlobile pelo ya ka, wa ntlhwela le bosiu, wa nnonya, empa ha wa fumana letho le kgopo; ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.
Ntlhahlobe, Morena, o nonye maikutlo a ka, hlahlobisisa moya wa ka le pelo ya ka.
Bonang, ba mameletseng re re ba lehlohonolo. Le utlwile tsa mamello ya Jobo, mme le lemohile sepheo sa Morena, hobane Morena o tletse mohau le kutlwelobohloko.