Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 34:29 - BIBELE

29 “Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 34:29
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha kgosi e se e dutse, e tsitsitse tlung ya yona, Morena a se a e phomoditse kahohle ho dira tsa yona,


ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla o phomotsa ho dira tsa hao tsohle. Morena o o boleletse hore o tla hodisa lelapa la hao.


Mmuso wa Jehoshafate wa eba le kgotso, hobane Modimo wa hae a ne a mo neile boiketlo kahohle.


moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa.


“Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;


Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa.


O thibela motho ya kgopo ho busa, a mo thibele ha a tjhehela setjhaba maraba.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.


O se mpatele fahleho sa hao; o se halefele mohlanka wa hao, wa mo leleka. Ke wena mothusi wa ka, o se ke wa ntebela; o se ke wa ntahla Modimo, mopholosi wa ka.


Ha ke ne ke sa iketlile, ka na ka re: “Nke ke ka sisinngwa le ka mohla!”


Na yena ya kgalemelang ditjhaba a ke ke a di otla, yena ya rutang batho bohlale?


hore o tle o mo kgatholle, o mo kgatholle matsatsing a mabe, ha ba kgopo bona ba tjhekelwa lemena.


Morena a re: “Nna, ka sebele sa ka, ke tla tsamaya le wena, ke yo o phomotsa.”


O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile.


Ho loka ho tla beha tholwana ya kgotso, ho loka ho tswale kgutso le letshepa kamehla.


“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.


Nna ka sebele ke tla fepa mohlape wa ka, ke o bothise, ho rialo Morena Modimo.


Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.


Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ