Peka, mora wa Remaleya, a bolaya ba setjhaba sa Juda ba dikete tse lekgolo le mashome a mabedi ka letsatsi le le leng feela. Bana bohle e ne e le bahale. Ba bolawa kahobane setjhaba sa Juda se ne se furaletse Morena Modimo wa bo-ntata sona.
Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone.
“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.