Kaofela ha bona ba hlometse ka disabole, kaofela ha bona ntwa ba e tlwaetse, disabole di leketla qholong tsa bona, ba laletse ha mokgosi wa bosiu o hlajwa.
Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.