Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 34:20 - BIBELE

20 Ka ho panya ha ntshi ba shwa le hara bosiu, tjhaba se hlokolehe, bona ebe ba iketse; natla di nyamele di sa angwa ke letsoho la motho!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 34:20
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona;


Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe.


Ka baka leo, mesebetsi ya bona o a e tseba, ba phetholwa e le bosiu, ebe ba a phetshelwa.


Se labalabele bosiu ba kahlolo ho fihla, ha tjhaba di timela dibakeng tsa tsona.


ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.


bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Mahosana o a etsa mafeelafeelane, babusi ba fatshe lena a ba fetole lefeela.


Ha o ntse o se shebile jwalo, lejwe le ile la kgephoha, empa le sa kgepholwe ke motho, la otla maoto a setshwantsho a entsweng ka tshepe le ka letsopa, la a thuakanya.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Ka maqiti a yona bolotsana bo tla atleha, ka pelong ya yona boikgohomoso bo tote, ba bangata e ba timetse hoja ba iketlile. E tla futuhela le Kgosana ya mahosana, qetellong e ripitlwe e se ka letsoho la motho.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


“Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’


“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.


Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.


Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ