9 ‘Nna ke hlwekile, ha ke na sebe, ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,
9 Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;
Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.
Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.
O re ho Modimo: ‘Thuto ya ka e hloka kodi, le mahlong a hao ke hlwekile!’
Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato.
Ke entse makgopo le dibe di le kae? Ako ntsebise tshito tsa ka le sebe sa ka.
tshita tsa ka o di bitiella ka mokotleng, sebe sa ka sona o a se kwahela.
leha matsoho a ka a sa fuparela bokgopo, le thapelo ya ka ho Modimo e hlwekile.”
Hona batho ba lokileng ba ho makaletse, ba se nang molato ba nyatsa ba kgopo;
ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.”
Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.
Ho loka e ne le seaparo sa ka, kahlolo ya ka e le kobo le moqhaka wa ka.
Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile.
“Ruri o buile moo ke ntseng ke utlwa, modumo wa mantswe a hao ka o mamela:
“Jobo o re: ‘Nna ha ke na molato, empa Modimo o nkamohile tokelo ya ka.
Le hoja ke nepile tjena ho thwe ke leshano, le hoja ke se na sebe, qeba la ka le hana ho fola.’
“Na o bona ho nepahetse ha o re: ‘Nna ke lokile ho feta Modimo?’
Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”
A ka mpidila ka sefefo sa kganyapa, a nkekeletsa maqeba ho se lebaka.
“Le hoja ke se na kodi, ke se ke itenne; ke nyedisa bophelo ba ka, ke a bo nyatsa.
Ha kotlo e bolaya ka ho tsometsa, O tla tsheha ha ba otlwa ba se molato.
Tlokotsi tsa ka tsohle ke a di tshaba, ke a tseba o ke ke wa re ha ke molato.
Empa wena o re: ‘Ha ke na molato! Ruri kgalefo ya Morena e tla mphapoha!’ Bona mona, nna ke tla o ahlola, hobane o re wena ha o a etsa sebe.