5 “Haeba o ka kgona, ako nkarabe; rala mabaka a hao, ebe o nthula ka wona.
5 Ha o ena le matla, o nkarabe, o emele nyewe ya hao, o itokise.
Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato.
Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile.
Ke fetse ka le mamela: Ha ho le ya mong ya shanofaditseng dipuo tsa Jobo, kapa ya arabileng polelo tsa hae.
Polelo tsa Jobo di ne di sa lebiswa ho nna, nke ke ka mo araba jwaloka lona.
Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.
Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa.
Empa Petrose a mo emisa, a re: “Ema; le nna ke motho.”