4 Nna ke entswe ke moya wa Modimo, mophefumoloho wa Ya Matla wohle o etsa hore ke phele.
4 Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa.
Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.
O nneile bophelo, wa ba wa nnea lerato, wa mpoloka, wa baballa le moya wa ka.
O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?
Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena.
ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo,
Empa ke moya o ka ho motho, e leng moya wa Ya Matla wohle, wona o neang motho kutlwisiso.
Ha o romela moya wa hao, di a hloleha, mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.
Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.
Morena Modimo o bua tjena, yena ya bopileng mahodimo a ba a a ala, ya phutholotseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ya neang baahi ba lona moya o ba phedisang, le bophelo ho bohle ba phelang ho lona:
hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.
hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.