“Wena, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao, wa re: ‘Ke tla o hahela ntlo’; ka baka lena ke bile sebete ho o rapela ka thapelo ena.
“Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.”
Morena Modimo wa ka, o re etseditse tse kgolo, e leng mesebetsi ya hao e makatsang, le merero ya hao e makatsang; ha ho ya ka lekanngwang le wena. Ha nka rata ho e bolela le ho e phatlalatsa, e mengata hoo e ke keng ya balwa.
Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.
Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”
Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi.