Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 32:13 - BIBELE

13 Hlokomelang, le se ke la re: ‘Rona bohlale re bo fumane; Modimo ke yena ya tla mo hlola, a ke ke a hlolwa ke motho.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Leha ho le jwalo, le se ke la re: Re bone bohlale ho yena, ke Modimo feela o ka mo hlolang, e seng motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 32:13
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore nke ke ka nka kgwele, leha e le leqhwele la seeta; le hore nke ke ka nka letho leo e leng la hao, esere wa re: ‘Ke ruisitse Aborame.’


o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.”


“Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.


“Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae!


jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


bakeng sa koro ho ke ho mele meutlwa, bakeng sa harese ho ke ho mele lehola!” Polelo tsa Jobo di fella mona.


Ke fetse ka le mamela: Ha ho le ya mong ya shanofaditseng dipuo tsa Jobo, kapa ya arabileng polelo tsa hae.


Polelo tsa Jobo di ne di sa lebiswa ho nna, nke ke ka mo araba jwaloka lona.


Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.


Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!


Ka baka leo, ke o boleletse tsena e sa le kgale; di eso etsahale ka o bolella tsona, e le hore o tle o se ke wa re: ‘Modimo wa ka wa bohata o di entse, modimo wa ka wa lehong le modimo wa ka wa tshepe, ke yona medimo e ileng ya di laola.’


Di bopilwe hona jwale, e seng tshimolohong, ho fihlela kajeno o ne o eso di utlwe; ka hona o ke ke wa re: ‘Ke ne ntse ke di tseba.’


Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Na o bohlale ho feta Daniele? Ha ho sephiri se patehileng ho wena?


“Morena o tla pholosa ditente tsa Juda pele, e le hore tlotla ya ntlo ya Davida le tlotla ya baahi ba Jerusalema e tle e se ke ya feta ya Juda.


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.


Morena a re ho Gideone: “Batho bao o nang le bona ba bangata haholo, hoo nke keng ka neelana ka Bamidiane matsohong a bona, esere Baiseraele ba ikgohomosetsa nna, ba re: ‘Ke rona ba ipholositseng.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ