Jobo 31:7 - BIBELE7 Haeba mehato ya ka e kgelohile tseleng, eba pelo ya ka e hohetswe ke mahlo a ka, eba manothoko a nkgomaretse matsohong; အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)7 ha ekaba mehato ya ka e kgelohile tsela ya wona, kapa pelo ya ka ha e lateletse takatso ya mahlo a ka, ditshila tsa ba tsa kgomarela matsoho a ka; အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“ ‘Ha motho ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, kapa ofe le ofe wa baditjhaba, ya jakileng naheng ya Iseraele, ya ikarohanyang le nna, ya rapelang medingwana ya bohata ka pelong ya hae, a bea sekgopi sa sebe sa hae kapele ho sefahleho sa hae, mme a eya ho moporofeta ho ya mmotsa, ke nna Morena ka sebele ya tla mo araba.
Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.