O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”
Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.
“Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bolotsana, a hahe disolloro tsa yona ka bomenemene; ya etsang hore mohahabo a sebeletse lelea, ya sa lefeng moputso wa mosebeletsi wa hae.
Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.