Jobo 31:26 - BIBELE26 haeba nkile ka boha tsatsi ha le phatsima, kapa kgwedi e tsamaya ka leredi la yona, အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)26 ha ekaba nkile ka boha letsatsi ha le kganya, kapa kgwedi ha e tsamaya ka kganya ya yona, အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A leleka baprista ba bohata, bao dikgosi tsa Juda di ileng tsa ba hlomamisa ho tjhesa mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema. A leleka ba neng ba tjhesetsa Baale mokubetso, ba o tjhesetsa le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng tshweu tsohle tsa lehodimo.
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.
Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.