Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:24 - BIBELE

24 “Haeba nna ke itshepetse kgauta feela, eba kgauta e hlwekisitsweng ke tshepa la ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ha ekaba ke entse kgauta tshepo ya ka, ka ba ka re ho kgauta e hlwekileng: Tshepo ya ka e ho wena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:24
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a utlwa dipuo tsa bara ba Labane, tse reng: “Jakobo o nkile tsohle tseo e neng e le tsa ntata rona, mme leruo lena lohle o le fumane ka tse tswang ho ntata rona.”


Ha o lahla kgauta ya hao, o e lahlela hara lerole, le kgauta e tswang Ofire, o e lahlela dikgohlong hara mafika,


O se ke wa tshoha leha motho a ka rua, mme matlotlo a ntlo ya hae a eketseha;


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


Bafo ke lefeela, marena ke thetso; sekaleng ba bobebe, kaofela ha bona ke lefeela.


Morui o tshepile maruo a hae, mofutsana o timetswa ke bofuma ba hae.


Ya tshepang maruo a hae o tla timela, ya lokileng o atleha jwaloka hlaku le letalana.


esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo, o ile wa atisa matlotlo a hao; ka baka la maruo ao a hao, boikakaso ba hao le bona ba tota.


Jesu a qamaka, mme a re ho barutuwa ba hae: “Ho tla ba thata hakaakang hore ba nang le maruo ba kene Mmusong wa Modimo!”


A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ