Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”
Moredekai o ne a ile a hodisa Hadasa, e leng Esetere, moradi wa malomae. Esetere e ne e le kgutsana, mme e le morwetsana e motle, ya seemo se bohehang. Hoba a shwellwe ke ntatae le mmae, Moredekai a mo hodisa jwalokaha eka ke moradi wa hae.
a eso ka a hatella motho, a eso batle peeletso ho maodimi, a eso tlatlape motho a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;
motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;
hobane ba bang ba ne ba hopola hore, kaha Judase a ne a tshwere mokotlana wa tjhelete, Jesu o re ho yena: “Reka tseo re di hlokang bakeng sa mokete,” kapa a fe mafutsana ho hong.
Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.
Bahloki ba ke ke ba fela kahara naha ya lona; ka baka leo, ke a le laela, ke re: ‘Ho ngwanabo lona, le ho mofutsana, le ho ya hlokang, ya naheng ya heno, o fane ka letsoho le batsi.’ ”
O mo fe haholo ho tse tswang mohlapeng wa hao, le ho tse tswang seotlong sa hao, le ho tse tswang setlhotlelong sa hao. Jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o hlohonolofaditse, le wena o mo fe jwalo.
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.
Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?