Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa.
Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.
“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.
Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela!
Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse.