Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 30:26 - BIBELE

26 Ha ke ne ke lebeletse molemo, ka tlelwa ke bobe; ha ke ne ke lebeletse lesedi, ka tlelwa ke lefifi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke ne ke lebeletse lehlohonolo, mme ke tletswe ke kotsi; ke ne ke lebeletse lesedi, mme lefifi le fihlile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 30:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o lelekwa leseding, a iswe lefifing, hohle lefatsheng ebe o a falatswa.


Ka lapeng la hae sedi le tla fifala, bone la hae lona le time.


“O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.


empa lefifi le ke ke la nkgutsisa, fifi la bo-nka-ntjana le mphoufaditseng.”


“Ka ithetsa, ka re: ‘Ke tla shwela lapeng ha ka; matsatsi a ka a ngatafale sa lehlabathe,


Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle.


Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


Ka baka leo, toka e hole le rona, le ho loka ha ho fihle ho rona. Re batla lesedi, empa re bona lefifi, re batla kganya, empa re tsamaya lefifing.


“Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!


Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?”


Re ne re lebeletse kgotso, empa ha re a fumana molemo; ra lebella nako ya ho fodiswa, empa ra tlelwa ke ditsietsi.


O nkgothomeditse, a re ke tsamaye, ke tsamaye lefifing, e seng leseding.


Baahi ba Marote ba lebeletse ho lopollwa, hoba Morena o ba dihetse koduwa, a e diha, ya ya fihla le kgorong ya Jerusalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ