Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 30:25 - BIBELE

25 Na ha ke a ka ka llela ba ditsietsing? Moya wa ka ha o a utlwela ba maswabing bohloko?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Kapa o re, na ke ne ke sa lle hodima ya neng a dutse tlokotsing, na moya wa ka o ne o sa hauhele mafutsana?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 30:25
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba thesela bafumanehi hore ba suthe tseleng, mafutsana wohle a phela ka ho ipata.


ke ne ke lopolla mafutsana a llelang thuso, ke lopolla le yona kgutsana e se nang mothusi.


Ke ne ke le ntata bafumanehi, ke le mmuelli wa bao ke sa ba tsebeng.


Na ba lapa la ka ba kile ba re: ‘Ke mang ya sa kang a ja, a kgotsofala?’


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi.


Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana.


Ya hatellang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae, empa ya mo hauhelang yena o tlotla Modimo.


Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


Na botle bo ka buseletswa ka bobe? Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena! Hopola, ke ile ka ema kapele ho wena, ka ba buella ho ba faposa kgalefo ya hao.


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Ke sona se ngotsweng, ha ho thwe: “O fana ka matsoho a mabedi ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ