Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 30:21 - BIBELE

21 O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ho nna o fetohile sera se se nang mohau, o ntwantsha ka letsoho la hao le matla;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 30:21
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?


Ke hobaneng ha o mpatela fahleho sa hao, o ntadima ke se ke le sera sa hao?


Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?


Na Modimo a ka ntshobokella ka bonatla ba hae? Le ho ka! a ka sekeha tsebe, a mmamela!


Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.


Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.


Leboya le borwa ke wena ya di hlodileng, Tabore le Heremone di etsetsa lebitso la hao ditlatse.


Bohle ba o ratang ba o lebetse, ha ba sa re letho ka wena; ke o otlile sa sera se o otla, ka o tuba sa ya sehloho a o tuba, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hoba dibe tsa hao di ile tsa eketseha.


Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ