20 “Ke ipiletsa ho wena, Modimo, empa ha o nkarabe; ke ema kapela hao, empa o ntadima feela!
20 Ke howeletsa ho wena, ha o nkarabe. Ke eme mona, o ntonela mahlo;
Ha ke howa, ke re: ‘Bosoro!’ ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo!
Na Modimo a ka mamela, a mamela sello sa hae, ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?
“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O hole le ho mpholosa, ha o utlwe ho dumaela ha ka.
Modimo wa ka, ke ipiletsa le motsheare, empa ha o nkarabe; ke howa le bosiu, ha ke kgutse.
Morena, o ntahletseng na? Keng ha o mpatetse sefahleho sa hao?
O ikgurumeditse ka leru, o ipatile, hore thapelo tsa rona di se fihle ho wena.
Leha ke bokolla, ke batla thuso, thapelo ya ka ha a e mamele.
Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”