Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.
Bana ba llela bo-mma bona, ba re: “Dijo di hokae, dino tsona di hokae?” Ba rialo ba akgeha sa batho ba mahlatsipa, ba akgeha ba le diterateng tsa motse, bophelo ba bona bo fela kahanyane, bo fela bo-mma bona ba ba sikile ka matsoho.
Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.