9 mahosana le wona a kgaotse ho bua, ka matsoho a wona a ithibe melomo;
9 mahosana a ne a lesa ho bua, a bea matsoho melomong ya wona;
Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona.
“Ha ke bua batho ba ne ba mmamela, ba lebelle keletso ya ka ba kgutsitse.
batjha ha ba mpona ba ne ba sutha, maqheku a phahame, a eme ka maoto;
“Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae?
“Bona, ha ke letho! Nka o araba jwang? Ka tsoho la ka ke thiba molomo wa ka.
Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.
Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.
“Haeba o bile sethoto, wa ikgantsha, kapa wa nahana merero e mebe, bea letsoho molomong o kgutse,
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,
Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?”