Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 29:22 - BIBELE

22 Ha ke buile e ne e ba le se le dumme, polelo tsa ka di kena hamonate tsebeng tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ho ne ho se e mong ya fetolang taba tsa ka ha ke se ke buile, ha ditaba tsa ka di rothotha hodima bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 29:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

babusi le bona ba kgaotse ho bua, maleme a bona a maname mahalapeng.


Ba ne ba ntebella sa ha ho lebellwa pula, polelo tsa ka di thopothela sa pula ya selemo.


Mahe a dinotshi a rotha molomong wa hao, monyaduwa wa ka, tlasa leme la hao ho tswa lebese, le mahe a dinotshi, menkwane ya aparo tsa hao e ka ya Lebanone.


Empa tjhaba tse ngata di tla mo makalla, kgosi di fetohe dimumu kapele ho yena, hobane di tla be di bona seo di esong ho se bolellwe, seo di esong ho se utlwe, di tla se utlwisisa.


“Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa.


“Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele.


Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa.


Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re: “ ‘O se ke wa porofetela Iseraele, thutong ya hao o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.’ ”


Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.”


Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole, le naha ya Nimerode ka sabole e motsutswe; mmusi ya tswang Betlelehema o tla re namolela, a re namolele matleng a Asiria ha e futuhela naha ya rona, e hwanka kahara meedi ya rona.


Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape.


Thuto tsa ka di tla rotha jwaloka pula, polelo tsa ka di monyele jwaloka phoka, jwaloka lefafatsane hodima jwang bo botalana, le jwaloka modupe hodima dijalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ