17 Ke ne ke roba mekwetsepe ya ba kgopo, ke pholose ba seng ba le menong a bona.
17 ke ne ke roba meno a ya bolotsana, ke ne ke hlwibila thusolelo menong a hae.
“Ka ithetsa, ka re: ‘Ke tla shwela lapeng ha ka; matsatsi a ka a ngatafale sa lehlabathe,
O kgalemela motho ka ho mo robatsa phateng tsa lefu, a opise masapo a hae wohle ho se kgaotso;
Tautona e shwa ke ho hloka sebolawa, tawana tsa tauhadi di phasaphase kahohle.”
Modimo o namolela mafutsana puong tse hlabang, a a lopolle matsohong a ba dikgoka;
ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;
Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je.
Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.
Ba ke ba nyamele sa metsi a phallang, ba ke ba omelle sa jwang bo hataketsweng.
Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba.
ke ye ke e lelekise, ke e otle, ke pholose konyana e molomong wa yona. Ha tau eo, kapa bere eo, e ntwantsha, ke ye ke e tshware ka ditlena, ke e kgakgathe, ke e bolaye.